15 Pulungoana 2019
FOR IMMEDIATE RELEASE
Lekhotla la Taolo ea Likhokahanyo (LCA) le fane ka kotlo ho e āngoe ea likāhamphani tseo e li fileng lengolo la khoebo, e leng Vodacom Lesotho, ka ho sitoa ho phethahatsa boikarabello ba eona ba ho lefa litefello tsa tÅ”ebeletso ka nako e lokelehang e leng la la 1 Phupu 2019. Melaoana e laolang litaba tsena, e leng Lesotho Communications Authority (Licensing Classification and Fees) ea 2018 e boletse ka mokhoa o hlakileng hore Lekhotla le tla fana ka likotlo ho bafani ba litÅ”ebeletso ba tla sitoa ho lefa litefello ka nako le hore na likotlo tse joalo Lekhotla le tla li phethahatsa joang.
1. Ke boikarabello ba Lekhotla la Taolo ea Likhokahanyo ho laola litÅ”ebeletso tsa likhokahanyano e leng litÅ”ebeletso tsa mehala le marangrang, khaso le liposo āme Lekhotla le tla etsa sohle ho phethahatsa boikarabello bona.
2. Ke mosebetsi oa Lekhotla la Taolo ea Likhokahanyo ho phethahatsa lipallo tsohle tsa molao mosebetsing oa lona ka ntle ho tŔabo kapa ho sekisetsa ba bang ba ba bafani ba litŔebeletso ba filoeng mangoalo a tumello ke Lekhotla, ho sa shejoe bonyenyane kapa boholo ba khoebo tse joalo.
3. Ke mosebetsi oa Lekhotla la Taolo ea Likhokahanyo ho bona hore lipalo-palo (records) tse amanang le litÅ”ebeletso tsa likhokahanyo tse tlaleheloang Lekhotla le tse tlaleheloang sechaba ka kakaretso li nepahetse, ke tsa ānete ebile li arabela lipallo tsa molao.
4. Moo bafani ba litŔebeletso ba ngolisitsoeng le Lekhotla ba iphapanyetsang ho ikamahanya le melao ea Lesotho, ha ho tika-tiko, Lekhotla la tla nka mehato e lokelang ho bona hore melao e joalo e ea phethahatsoa.
#########